Duration: 5min 47 sec

Transcript

KHOPOTSO: Ka seemo o phahame, mmala wa letlao la hae ona o fifetse. Atjhe, ha a motle le kgale. Ka sutu ya hae e tsamaisanang le borikgwe le moriri wa hae o meetse e makgethe ya sejwalejwale e seng o eba moputswa o ka hopola hore ke moemedi wa naha esele mona Afrika Borwa, eseng e mong wa batletlebi ka tsa Phamokathe. Empa pale ya tsa bophelo ba Nonhlanhla Kubheka, e baleha ho tshwana le bongata ba batho ba botona bo botshehadi naheng ena. Ke mme a sa nyalwang, mosebetsi ha a o fumane, ha a na lelapa leo e leng la hae, hape o ena le tshwaetso ya kokwana hloko ya Phamokathe. Nnete ke hore e se e le dilemo tse 11 a tshwaetsehile.   Jwaloka e mong wa ba ithaopileng ho sebelletsa mokgatlo wa Treatment Action Campaign o ile a nka karolo ketsahalong ya ho bontsha boipelaetso ho mmuso ka ho bontsha ho sa kgathale ha ona ka ho sa fumantshe batho ba kulang ka lefu la Phamokathe meriana e tshwanetseng. E ne e le ka kgwedi ya Hlakubele ngwahola ka mora hore mmuso o se dumele ho saena tumellano e fihletsweng tlase ho dipuisano tsa mokgatlo wa NEDLAC o akaretsang mmuso, borradikgwebo, mekgatlo ya basebetsi le batho ba nang le tshwaetso ya HIV bakeng sa ho lokisetsa ho fumantsha ba kulang meriana.  

NONHLANHLA: There is an agreement with the government. It’€™s just that the government takes things very slowly, or it’€™s ignorant. It went to take part in talks with NEDLAC and did not finish the talks. And we know that in the government things go very slowly. They need to go to this and this and this.

KHOPOTSO: Ka kgwedi ya Pudungwana hona lemong sa 2003 lekgotla la Kabinete le ile la dumellana le morero wa mmuso ho fumantsha batho meriana ya di-antiretrovirals dipetleleng ke ditleniking tsa mmuso. Mmuso wa profense ya Kapa-bophirima o ne o se o qadile ka morero ona dilemong tse pedi pele qeto ena e etswa. Ho tlohela ka kgwedi ya Mmesa lemong sena ditsha tse ntjha moo batho ba ka fumanang meriana ena di ile tsa qala ho bulwa, ho simolla ka profense ya Gauteng. Nonhlanhla Kubheka o dumela hore diketso tsa mokga wa TAC ke tsona tse tlitsitseng phethoho ena. Bonnotshing ba hae o hlokomela hore ho eba leloko la TAC ho mo thusitse ho ka itlhokomela bakeng sa ho baballa bophelo ba hae.

NONHLANHLA: It helps me a lot because I know that I have to get ARV’€™s if I need to get ARV’€™s, as (I’€™m) now on the process that I have to check my CD 4 count’€¦ If my CD 4 count allows me to get treatment I’€™m going to start treatment. So, that makes me to prolong my life because now I know that when I get sick or I have to start ARV’€™s I will get it because they are there in the hospitals, they are there in the clinic. So, a person living with HIV to be TAC it makes my mind to be open’€¦                                      

KHOPOTSO: Ha a ne a etsa teko ya CD 4 count ya hae ya ho qetela kgweding ya Mphalane ngwahola ho ile fumantsha hore masole a hae a mmele ho setse a 300 feela.

O hopola hore esale nako eo bophelo ba hae bo se bo fokola. O lokela ho etsa teko e ntjha ho lekola boemo ba hae. Ha teko e ka bontsha hore masole a hae a mmele a tlase ho 200 o tla tshwanele ke ho qala ho sebedisa meriana ya di-antiretrovirals. Le ha ho jwalo Nonhlanhla Kubheka o kgotsofetse hore o tla fumana thuso ha a e hloka.

NONHLANHLA: I always tell my friends. The other one said: ‘€˜Aah, Nhlanhla, do you think (by) 2010 we’€™ll be here?’€™ I said: ‘€˜Aah, aah, you? Me? I will be here’€¦ So you see, things are (be)coming bright now’€¦ People are talking about 2010 bid. They’€™re going to be rich. And then you, you are HIV positive. You say ‘€˜Oh, where will I be at that time?’€™ I always tell them ukuthi (that) ‘€˜I will be here’€¦ And I will be Nonhlanhla as I am Nonhlanhla.’€™

 KHOPOTSO: Empa ho mo utlwisa bohloko ho tseba hore ha se bohle ba hlokang thuso ena ba tlang ho e fumana. O tshwaya mmuso phoso ka sena.                        

NONHLANHLA: People are so many that are HIV positive that now want treatment. They didn’€™t want to come out before. They didn’€™t want to be seen that they are HIV positive. But because the treatment is there, lots of people (are) going to because they want the treatment. We expect(ed) that. I don’€™t know about the government side because, really, it’€™s supposed to roll out in all these hospitals not to go in quarter, quarter, this side, this side’€¦

KHOPOTSO: Nonhlanhla Kubheka, e leng moithaopi tlasa mokgatlo wa TAC o ena le takatso e le nngwe to! a e labalabelang. Takatso ena ke hore mokgatlo wa hae le mmuso ba tshwarane ke matsoho, dikgohlano di feela, ba nto sebetsa mmoho ho thibela mafu mangata ka ho thusa batho ba hlokang meriana ya di-antiretrovirals ho e fumana hona jwale.      

NONHLANHLA: I don’€™t understand because’€¦ we said it even before that we didn’€™t even fight with the government. We want(ed) government to be quick and fast and see the need for ARV’€™s for people. We were not even fight(ing) with the government because it’€™s our government as members of the TAC. It’€™s still our government. What we see now is, I think those people on the side of government are feeling that if ‘€˜I work with TAC, whereas TAC was fighting against us, it’€™s something that is abnormal.’€™ There’€™s that slowness that they don’€™t want to involve us. They want to do things alone.

And they want to start things from scratch, whereas they had to call us and say ‘€˜guys, this thing’€¦ what are we going to do with it, because you already have done it before?’€™ Just do it now so we can help our community.

E-mail Khopotso Bodibe

Author

  • Health-e News

    Health-e News is South Africa's dedicated health news service and home to OurHealth citizen journalism. Follow us on Twitter @HealtheNews